Daniele 4:5-19 BIBELE (SSO89SO)

5. Yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ha ke robetse diphateng tsa ka ke ne ke tshwenngwa haholo ke menahano ya ka le ke dipono tseo ke neng ke di bona.

6. Ka baka leo, ka etsa taelo e reng ke bitsetswe bahlalefi bohle ba Babilona hore ba tlo ntlhalosetsa toro ena.

7. Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona.

8. Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re:

9. “Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.

10. “Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka ke ile ka bona dipono tsena: Ka tadima, mme ka bona sefate se metse bohareng ba lefatshe, se le selelele haholo.

11. Sefate sena sa nna sa hola, sa matlafala, sa ya fihla marung, sa bonahala dipheletsong tsohle tsa lefatshe.

12. Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona.

13. “Ha ke ntse ke robetse diphateng tsa ka, ke ile ka bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong.

14. La howeletsa, la re:“ <Remang sefate,makala a sona le a kgethule,mahlaku le a hlohlore,tholwana le di hasanye;batana di balehe moriting wa sona,nonyana di falle makaleng a sona.

15. Kutu le metso ya yonale di siye mobung,ka mahlaahlela a tshepe,le ka mahlaahlela a lethose,le e tlamelle jwanng bo botalana.Motho enwa a lalweke phoka ya lehodimo,a je jwang ba nahaa le hara dibatana.

16. Pelo ya hae ya botho e fetohe,e fetohe e be ya phoofolo,lemo tse supileng di fete a le jwalo.

17. “ <Qeto ena e phatlaladitswe,ya phatlalatswa ke maqosa,kahlolo ya etswa ke ba halalelang,e le hore batho bohleba tle ba tsebe:Ya Hodimodimoo laola mmuso wa batho,o o nea ofe le ofeya ratwang ke yena,kapa a hlomamise mofosetulong sa kgosi.>

18. “Ena ke toro eo nna kgosi Nebukadenesare, ke ileng ka e lora. Jwale wena Beleteshasare, ntlhalosetse yona, hobane bahlalefi bohle ba mmuso wa ka ba hlotswe ho ntlhalosetsa yona. Empa wena o ka etsa jwalo, hobane moya wa medimo e halalelang o teng ka ho wena.”

19. Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.”Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao!

Daniele 4