Daniele 4:36-37 BIBELE (SSO89SO)

36. “Ka yona nako eo, kelello ya ka ya botho ya kgutla, mme boitlhompho ba ka le bokgabane ba ka ba boela ho nna hore puso ya ka e boele e tlotlehe. Baeletsi ba ka le mahosana a ka a mpatla, ka busetswa tulong sa ka sa bokgosi, mme ka tlotleha le ho feta pele.

37. “Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”

Daniele 4