Daniele 4:25-32 BIBELE (SSO89SO)

25. O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.

26. Jwalokaha ho laetswe hore kutu ya sefate e siuwe le metso ya yona, o tla buseletswa mmuso wa hao ho tloha mohla o tsebang hore Lehodimo ke lona le busang.

27. Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”

28. Tsena tsohle di ile tsa hlahela kgosi Nebukadenesare.

29. Hoba dikgwedi tse leshome le metso e mmedi di fete, ha Nebukadenesare a ntse a tsamaya hodima ntlo ya bokgosi ya Babilona,

30. a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”

31. Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao.

32. O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”

Daniele 4