24. “Oho, wena kgosi ya ka, tlhaloso ya toro ke ena, mme ke taelo eo Ya Hodimodimo a e etseditseng morena ka, kgosi.
25. O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.
26. Jwalokaha ho laetswe hore kutu ya sefate e siuwe le metso ya yona, o tla buseletswa mmuso wa hao ho tloha mohla o tsebang hore Lehodimo ke lona le busang.
27. Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”
28. Tsena tsohle di ile tsa hlahela kgosi Nebukadenesare.
29. Hoba dikgwedi tse leshome le metso e mmedi di fete, ha Nebukadenesare a ntse a tsamaya hodima ntlo ya bokgosi ya Babilona,
30. a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”
31. Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao.
32. O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”
33. Ka yona nako eo, se neng se boleletswe Nebukadenesare sa phethahala, a lelekwa hara batho, a ja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa hae wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela mohwete wa hae o hola jwaloka masiba a ntsu, le manala a hae a eba jwaloka dinala tsa nonyana.
34. “Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle:“Puso ya haee hlola kamehla yohle,mmuso wa haeo akaretsa meloko yohle!
35. Baahi bohle ba lefatshe hase letho;o etsa thato ya haeka mabotho a lehodimo,le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo.Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae,kapa a re ho yena: <O etsang jwale?>