Daniele 4:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona.

3. “Dipontsho tsa haeke tse kgolo hakaakang!Dimakatso tsa haedi hlolla hakaakang!Mmuso wa haeke wa mehla le mehla,puso ya haee akaretsa meloko yohle!

4. “Nna Nebukadenesare, ke ne ke le ha ka, ke phomotse, ke le ka tlung ya ka ya bokgosi, ke iketlile.

5. Yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ha ke robetse diphateng tsa ka ke ne ke tshwenngwa haholo ke menahano ya ka le ke dipono tseo ke neng ke di bona.

6. Ka baka leo, ka etsa taelo e reng ke bitsetswe bahlalefi bohle ba Babilona hore ba tlo ntlhalosetsa toro ena.

7. Yaba ho tla dinohe, le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi, mme ka ba phetela toro ena; feela ba sitwa ho ntlhalosetsa yona.

8. Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re:

9. “Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.

Daniele 4