Daniele 4:1-3 BIBELE (SSO89SO)

1. Kgosi Nebukadenesare a romela molaetsa ho batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba ahileng lefatsheng lohle, a re:“Kgotso e ke e le atele!

2. “Ke bone ho le molemo hore ke le tsebise dipontsho le dimakatso tseo Modimo ya hodimodimo a nketseditseng tsona.

3. “Dipontsho tsa haeke tse kgolo hakaakang!Dimakatso tsa haedi hlolla hakaakang!Mmuso wa haeke wa mehla le mehla,puso ya haee akaretsa meloko yohle!

Daniele 4