Daniele 3:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Hang ha le utlwa ho letswa lenaka, le lekodilo, le harepa, le lekoope, le seletsa se kgwele di leshome, le diphala, le mmino wa mefuta yohle, le itihele fatshe, le kgumamele setshwantsho sa kgauta, seo kgosi Nebukadenesare a se emisitseng.

6. Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.”

7. Ka baka leo eitse hanghang ha ho utlwahala ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se dikgwele di leshome, le mmino wa mefuta yohle, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba itihela fatshe, ba kgumamela setshwantsho sa kgauta seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.

8. Ka yona nako eo, Bakalatiya ba bang ba fihla ba qosa Bajuda.

9. Ba bua ho kgosi Nebukadenesare, ba re: “Oho, wena kgosi, ako re phelele kamehla yohle!

10. Wena kgosi, o entse taelo ya hore motho ka mong ha a utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, a itihele fatshe, a kgumamele setshwantsho sa kgauta.

11. Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe ho se kgumamela, o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.

12. Ho na le Bajuda ba bang, bao o ba beileng hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego; banna bana, kgosi, ha ba o natse. Ha ba sebeletse medimo ya hao, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”

13. Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, mme a laela hore a bitsetswe bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego. Yaba banna ba tliswa kapele ho kgosi.

14. Nebukadenesare a ba botsa, a re: “Na ke nnete hore lona Shaderaka le Meshake le Abedenego ha le sebeletse medimo ya ka, leha e le ho kgumamela setshwantsho sa kgauta seo ke se emisitseng?

15. Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”

Daniele 3