24. Yaba kgosi Nebukadenesare o raoha fatshe, a maketse; a botsa baeletsi ba hae, a re: “Na ha re a ka ra akgela banna ba bararo kahara mollo, ba tlanngwe sekolokoto?”Baeletsi ba araba, ba re: “Ke nnete ho jwalo, kgosi ya rona!”
25. Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”
26. Yaba Nebukadenesare o atamela pela monyako wa sebopi se tukang malakabe, o a howeletsa, o re: “Shaderaka! Meshake! Abedenego! Lona bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, tswang le tle kwano!”Yaba bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tswa kahara mollo.
27. Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.
28. Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela.
29. “Ka baka leo, ke laela hore batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba ka nyefolang Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tsekollwe, matlo a bona a fetolwe masupi, hobane ha ho modimo e mong ya ka pholosang ka mokgwa ona.”
30. Yaba kgosi e bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ditulong tse phahameng naheng ya Babilona.