Daniele 3:18-27 BIBELE (SSO89SO)

18. Empa haeba ho ke ke ha eba jwalo, ako tsebe, wena kgosi, hore re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, kapa ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”

19. Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla.

20. A ba a laela le bahlabani ba hae ba diqhenqhahadi hore ba tlame bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ba ba akgele kahara sebopi se tukang malakabe.

21. Yaba banna bana ba tlangwa ba ntse ba apere diaparo tsa bona, ba tenne marikgwe, ba rwetse dituku, ba apere le diaparo tse ding, mme ba akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.

22. Ka baka la hobane kgosi e ne e entse taelo e thata ya hore sebopi se beswe ho feta tekanyo, malakabe a mollo a ile a bolaya banna ba neng ba kakasitse bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego.

23. Banna bana ba bararo, e leng bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ba ile ba wela ka seboping se tukang malakabe ba ntse ba tlanngwe sekolokoto.

24. Yaba kgosi Nebukadenesare o raoha fatshe, a maketse; a botsa baeletsi ba hae, a re: “Na ha re a ka ra akgela banna ba bararo kahara mollo, ba tlanngwe sekolokoto?”Baeletsi ba araba, ba re: “Ke nnete ho jwalo, kgosi ya rona!”

25. Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”

26. Yaba Nebukadenesare o atamela pela monyako wa sebopi se tukang malakabe, o a howeletsa, o re: “Shaderaka! Meshake! Abedenego! Lona bahlanka ba Modimo ya hodimodimo, tswang le tle kwano!”Yaba bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego ba tswa kahara mollo.

27. Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.

Daniele 3