Daniele 3:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Kgosi Nebukadenesare a etsa setshwantsho sa kgauta: Bophahamo ba sona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, botenya ba sona e le dimethara tse tharo; a se emisa phuleng ya Dura, naheng ya Babilona.

2. Jwale kgosi Nebukadenesare a mema mahosana, le babusisi le balaodi, le baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, hore ba be teng ha ho kgakolwa setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.

3. Yaba mahosana, le babusisi, le balaodi le Baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, ba phutheha bohle ho tla kgakola setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse. Ba fihla ba ema kapele ho setshwantsho seo Nebukadenesare a neng a se emisetse.

4. Yaba sebohodi se howeletsa haholo, se re: “Lona batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, taelo ke ena:

5. Hang ha le utlwa ho letswa lenaka, le lekodilo, le harepa, le lekoope, le seletsa se kgwele di leshome, le diphala, le mmino wa mefuta yohle, le itihele fatshe, le kgumamele setshwantsho sa kgauta, seo kgosi Nebukadenesare a se emisitseng.

6. Mang le mang ya sa tlo itihela fatshe, a kgumamele setshwantsho, hanghang o tla akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe.”

7. Ka baka leo eitse hanghang ha ho utlwahala ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se dikgwele di leshome, le mmino wa mefuta yohle, batho ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba itihela fatshe, ba kgumamela setshwantsho sa kgauta seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.

8. Ka yona nako eo, Bakalatiya ba bang ba fihla ba qosa Bajuda.

9. Ba bua ho kgosi Nebukadenesare, ba re: “Oho, wena kgosi, ako re phelele kamehla yohle!

Daniele 3