7. Bakalatiya ba araba hape, ba re: “Kgosi a e ke e bolelle bahlanka ba yona toro ena, mme re tla e hlalosa.”
8. Kgosi ya araba, ya re: “Ho pepenene ho nna hore le rata ho ipha nako, hobane le tseba morero wa ka o tiileng.
9. Haeba le sa mpolelle toro ena, ke tla le ahlola ka kahlolo e tshwanang. Le rerile ho nthetsa ka leshano le ka bolotsana, le tshepile hore ha nako e ntse e feta boemo ba ditaba bo tla fetoha. Ka baka lena, mpolelleng toro ena, ke tle ke tsebe hore le ka ntlhalosetsa yona.”
10. Bakalatiya ba araba kgosi, ba re: “Ha ho motho le ya mong mona lefatsheng ya ka bolellang kgosi seo e ratang ho se tseba! Ka baka leo, ha ho kgosi, leha e ka ba e kgolo kapa e matla, e kileng ya botsa senohe, kapa molepi wa dinaledi, kapa Mokalatiya ofe le ofe dintho tse tjena.
11. Seo kgosi e se batlang se thata haholo, mme ha ho motho ya ka se bolellang kgosi, haese medimo feela, e sa pheleng le batho.”
12. Ka baka leo, kgalefo ya kgosi ya tlokoma, mme kgosi ya laela hore bahlalefi bohle ba Babilona ba bolawe.
13. Yaba ho phatlalatswa taelo ya hore bahlalefi ba bolawe, mme batho ba ya batla Daniele le metswalle ya hae hore ba tlo bolawa.
14. Yaba Daniele o araba ka bohlale le ka kelello, o bua le Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi, ya neng a tswile ho ya bolaya bahlalefi ba Babilona.
15. A re ho Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi: “Ke ka baka lang ha kgosi e entse taelo e sehloho hakanakana?” Arioke a hlalosetsa Daniele.
16. Yaba Daniele o kena kamoo kgosi e leng kateng, o kopa hore e mo fe nako, a tle a tsebe ho hlalosetsa kgosi toro ena.
17. Jwale Daniele a kgutlela lapeng ha hae, mme taba ena a e tsebisa metswalle ya hae bo-Hananiya le Mishaele le Asariya.
18. A re ba rapele Modimo ya lehodimong hore a ba hauhele, a ba hlalosetse sephiri sena, e le hore yena, le metswalle ya hae, le bahlalefi ba Babilona, ba tle ba se ke ba bolawa.
19. Hona bosiung boo Daniele a senolelwa sephiri sena ka pono. Yaba Daniele o rorisa Modimo ya lehodimong.