32. Hlooho ya setshwantsho sena e ne e le ya kgauta e hlwekisitsweng, sefuba sa sona le matsoho a sona e le tsa silefera, mpa le dirope tsa sona e le tsa lethose.
33. Meomo ya sona e ne e le ya tshepe, maoto a sona a entswe ka tshepe le ka letsopa.
34. Ha o ntse o se shebile jwalo, lejwe le ile la kgephoha, empa le sa kgepholwe ke motho, la otla maoto a setshwantsho a entsweng ka tshepe le ka letsopa, la a thuakanya.
35. Yaba tshepe, le letsopa, le lethose, le silefera, le kgauta, le tsona di a thuakana, di tshwana le mmoko o seotlong ha ho polwa e le hlabula. Moya wa di fefola, tsa nyamella ruri. Lejwe le ileng la thuakanya setshwantsho la fetoha thabahadi e ileng ya bonahala lefatsheng lohle.
36. “Ena ke yona toro; jwale re tla e hlalosetsa kgosi.
37. Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla.
38. O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.
39. “Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle.
40. Mmuso wa bone o tla ba matla jwaloka tshepe. Kaha tshepe e thuakanya, e silakanye dintho tsohle, le wona o tla thuakanya, o silakanye jwalokaha tshepe e thuakanya dintho tsohle.
41. Jwalokaha o bone ho entswe maoto le menwana ka letsopa le ka tshepe, le mmuso oo o tla arohana jwalo; o tla nne o be le matla a kang a tshepe, jwalokaha o bone tshepe e kopantswe le letsopa le bonolo.
42. Jwalokaha menwana ya maoto e ne e entswe ka tshepe le ka letsopa, le mmuso oo o tla ba le matla, o be o be le bofokodi.
43. Jwalokaha o bone tshepe e kopantswe le letsopa le bonolo, dikgosi le tsona di tla leka ho ikopanya ka ho nyallana, empa di ke ke tsa kopana, jwalokaha tshepe e ke ke ya kopana le letsopa.
44. “Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.
45. Jwalokaha o bone hore lejwe le ile la kgephoha thabeng, le sa kgepholwe ke motho, mme la thuakanya tshepe, le lethose, le letsopa, le silefera, le kgauta, Modimo e moholo le yena o tsebisa kgosi se tla etsahala mehleng e tlang. Toro ena ke nnete, le tlhaloso ya yona ke ya nnete.”
46. Yaba kgosi Nebukadenesare o itihela fatshe ka sefahleho, o kgumamela Daniele, o laela hore a etsetswe nyehelo, a tjhesetswe le mokubetso o monko o monate.
47. Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”
48. Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona.
49. Ho ya ka kopo ya Daniele, kgosi ya bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, Daniele yena ya eba monna wa lekgotla la kgosi.