26. Kgosi ya botsa Daniele ya neng a bitswa Beleteshasare, ya re: “Na o ka mpolella toro eo ke e lorileng, wa ba wa e hlalosa?”
27. Daniele a araba kgosi e ntse e utlwa, a re: “Sephiri seo kgosi e ratang ho se tseba se ke ke sa hlaloswa ke bahlalefi, balepi ba dinaledi, baloi kapa dinohe.
28. Empa ho na le Modimo lehodimong ya senolang diphiri. Ke yena ya tsebisang kgosi Nebukadenesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang. Toro ya hao le dipono tseo o di boneng ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, ke tsena:
29. “Wena kgosi, ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, o ile wa nahana tse tlang ho etsahala hamorao, mme ya senolang diphiri a o tsebisa tse tlang ho etsahala.
30. Ha e le nna ke senoletswe sephiri sena, e seng hobane ke le bohlale ho feta batho ba bang ba phelang, empa e le hore wena kgosi, o tle o tsebe tlhaloso ya toro ena, o utlwisise le tseo o nnileng wa di nahana.
31. “Wena kgosi, eitse ha o sheba, wa bona setshwantsho sa setonanahadi. Setshwantshohadi sena se neng se eme kapele ho wena se ne se phatsima ka mokgwa o fahlang, sebopeho sa sona se tshabeha.
32. Hlooho ya setshwantsho sena e ne e le ya kgauta e hlwekisitsweng, sefuba sa sona le matsoho a sona e le tsa silefera, mpa le dirope tsa sona e le tsa lethose.
33. Meomo ya sona e ne e le ya tshepe, maoto a sona a entswe ka tshepe le ka letsopa.
34. Ha o ntse o se shebile jwalo, lejwe le ile la kgephoha, empa le sa kgepholwe ke motho, la otla maoto a setshwantsho a entsweng ka tshepe le ka letsopa, la a thuakanya.