Daniele 2:13-27 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba ho phatlalatswa taelo ya hore bahlalefi ba bolawe, mme batho ba ya batla Daniele le metswalle ya hae hore ba tlo bolawa.

14. Yaba Daniele o araba ka bohlale le ka kelello, o bua le Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi, ya neng a tswile ho ya bolaya bahlalefi ba Babilona.

15. A re ho Arioke, molaodi wa balebedi ba kgosi: “Ke ka baka lang ha kgosi e entse taelo e sehloho hakanakana?” Arioke a hlalosetsa Daniele.

16. Yaba Daniele o kena kamoo kgosi e leng kateng, o kopa hore e mo fe nako, a tle a tsebe ho hlalosetsa kgosi toro ena.

17. Jwale Daniele a kgutlela lapeng ha hae, mme taba ena a e tsebisa metswalle ya hae bo-Hananiya le Mishaele le Asariya.

18. A re ba rapele Modimo ya lehodimong hore a ba hauhele, a ba hlalosetse sephiri sena, e le hore yena, le metswalle ya hae, le bahlalefi ba Babilona, ba tle ba se ke ba bolawa.

19. Hona bosiung boo Daniele a senolelwa sephiri sena ka pono. Yaba Daniele o rorisa Modimo ya lehodimong.

20. Daniele a bua, a re:“Ho bokwe lebitso la Modimo,le bokwe kamehla,hobane bohlale ke ba hae,le matla ke a hae.

21. Dinako le mehladi fetolwa ke yena,o diha dikgosi a ba di hlomamise;bahlalefi ba hlalefiswa ke yena,ba nang le kutlwisisoa ba abele tsebo.

22. Diphiri di senolwa ke yena,tse mafifing le tsona o a di tseba,leaho la lesedi le fumanwa ho yena.

23. Wena Modimowa baholoholo ba heso,ke a o leboha, ke bile ke a o tlotla,wena ya nneileng bohlale le matla,wa ntshenolelaseo re se kopileng ho wena,wa re senolelaseo kgosi e se batlang.”

24. Yaba Daniele o ya ho Arioke, eo kgosi e neng e mo laetse ho bolaya bahlalefi ba Babilona, o re: “O se ke wa bolaya bahlalefi ba Babilona. Nkise kapele ho kgosi, mme ke tla e hlalosetsa toro eo ya yona.”

25. Arioke a isa Daniele kapele ho kgosi hanghang, a re: “Ke fumane e mong hara Bajuda ba thopilweng, ya tla hlalosetsa kgosi toro ya yona.”

26. Kgosi ya botsa Daniele ya neng a bitswa Beleteshasare, ya re: “Na o ka mpolella toro eo ke e lorileng, wa ba wa e hlalosa?”

27. Daniele a araba kgosi e ntse e utlwa, a re: “Sephiri seo kgosi e ratang ho se tseba se ke ke sa hlaloswa ke bahlalefi, balepi ba dinaledi, baloi kapa dinohe.

Daniele 2