8. Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?”
9. Yena a nkaraba, a re: “Ikele, Daniele, hobane mantswe ana ke pinyane, a bitietswe ho fihlela mehla ya bofelo e fihla.
10. Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.
11. “Ho tloha mohla ho fediswang sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, ho bewa Manyala a Tshenyeho, e tla ba matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a robong.
12. Ho lehlohonolo ya tla mamella ho fihlela matsatsi a sekete le makgolo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano a fela.
13. “Empa wena Daniele, o mamelle ho isa qetellong. O tla shwa, empa o tla tsoha mohla letsatsi la bofelo, o newe lefa leo o le abetsweng.”