Daniele 12:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Yaba nna Daniele, ke a tadima, mme ka bona banna ba bang ba babedi ba eme, e mong a le lebopong le ka mose wane ho noka, e mong a le lebopong le ka kwano ho noka.

6. E mong wa bona a botsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya neng a emeletse hodingwana ho noka, a re: “Dintho tsee tse makatsang di tla etsahala neng?”

7. Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”

8. Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?”

9. Yena a nkaraba, a re: “Ikele, Daniele, hobane mantswe ana ke pinyane, a bitietswe ho fihlela mehla ya bofelo e fihla.

10. Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba ntlafatswe, ba lekwe. Ba kgopo bona ba tla nne ba etse bokgopo. Ha ho le ya mong wa ba kgopo ya tla utlwisisa, empa ba bohlale bona ba tla utlwisisa.

Daniele 12