4. Ha e se e phahame, mmuso wa yona o tla wa, o arolwe dikarolo tse nne. Dikgosi tseo e seng ditloholo tsa kgosi eo di tla busa tulong tsa yona, hobane mmuso wa yona o tla fediswa, o newe dikgosi disele, empa di ke ke tsa eba le matla ao e neng e busa ka wona.
5. “Kgosi ya Egepeta e tla ba matla, empa e mong wa balaodi ba yona o tla ba matla ho e feta, a be a okamele mmuso o fetang wa kgosi eo.
6. Ha ho fetile dilemo tse itseng, kgosi ya Egepeta e tla etsa selekane le kgosi ya Siria, e e nyadise moradi wa yona. Empa selekane seo se ke ke sa tiya, mme moradi eo, le mafielo a hae, le ngwana wa hae, le monna wa hae, batho bana bohle ba tla bolawa.
7. “Kamora moo, e mong wa leloko la mosadi eo e tla ba kgosi. O tla futuhela mabotho a kgosi ya Siria, a hape qhobosheane ya wona, mme a a hlole.
8. O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria.
9. Kgosi ya Siria e tla futuhela kgosi ya Egepeta, empa e tla etsa sealo, e kgutlele naheng ya yona.
10. Bara ba kgosi eo ya Siria ba tla hlomela, ba kgobokanye mabotho a mangata, a maholo, a tla tla ka sekgahla jwaloka morallo, a futuhele qhobosheane ya ba direng.
11. “Kgosi ya Egepeta e tla tlokoma ke kgalefo, e futuhele kgosi ya Siria. Kgosi eo ya Siria e tla kgobokanya mabotho a mangata, empa a tla hlolwa.
12. Kgosi eo e hlotseng e tla ikgohomosa ka tlholo ya yona, le ka bahlabani ba diketekete bao e ba bolaileng, empa e ke ke ya boela ya hlola.
13. Kgosi ya Siria e tla kgutlela naheng ya yona, e yo kgobokanya mabotho a fetang a pele ka bongata. Ha ho fetile dilemo tse itseng e tla futuha ka mabotho a mangata, a hlometseng haholo.
14. “Ka nako eo, setjhaba se sengata se tla fetohela kgosi ya Egepeta. Le kahara setjhaba sa heno, wena Daniele, ho tla hlaha banna ba kgantshang dikgoka, ba e fetohele, e le hore pono ena e tle e phethahale; feela ba tla hlolwa.