Daniele 11:38-44 BIBELE (SSO89SO)

38. Bakeng sa medimo eo, kgosi eo e tla hlompha modimo o sireletsang diqhobosheane, e leng modimo oo bo-ntata kgosi eo ba sa kang ba o tseba. Kgosi eo e tla o nyehella ka kgauta, le ka silefera, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka dimpho tse kgahlehang.

39. Ka thuso ya modimo osele, kgosi eo e tla futuhela diqhobosheane tse matla ka ho fetisisa, mme bohle ba ipeang tlasa puso ya yona e ba tlotle, e ba etse babusi hodima setjhaba se sengata, e ba putse ka ho ba arolela naha.

40. “Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.

41. E tla futuhela le naha ya Kanana, e hape dinaha tse ngata, empa baahi ba Edomo le ba Moabe le baholo ba Baamone, bona ba tla phonyoha matsohong a yona.

42. Puso ya yona e tla namela dinaheng tse ngata, mme le naha ya Egepeta e ke ke ya phonyoha.

43. E tla ikgapela matlotlo a kgauta le a silefera, le maruo wohle a bohlokwa a Egepeta, mme Balebia le Bakushe ba tla e sebeletsa.

44. Empa e tla tshoswa ke madume a hlahang botjhabela le leboya, e futuhe ka kgalefo e kgolo, mme e ripitle, e timetse ba bangata.

Daniele 11