Daniele 11:31-41 BIBELE (SSO89SO)

31. “Bahlabani ba kgosi ya Siria ba tla silafatsa Tempele, ba fedise sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, mme kahara Tempele eo ba bee Manyala a Tshenyeho.

32. Ba kwenehetseng selekane e tla ba hapa ka leleme le monate, empa setjhaba se tsebang Modimo wa sona se tla e hanyetsa se tiile.

33. “Bahlalefi ba tla ruta batho ba bangata, le hoja ka nakwana ba tla bolawa ka sabole, ba tjheswe ka mollo, ba thopuwe, ba jewe le maruo a bona.

34. Ha setjhaba sena se ntse se bolawa jwalo, se tla fumana thuso e seng kae, empa ba bangata ba tla se kgomarela ka bolotsana.

35. Ba bang ba ba bohlale ba tla kgoptjwa, e le hore ba tle ba lekwe, ba hlwekiswe, ba ntlafatswe, ho fihlela nako ya bofelo e beilweng e fihla.

36. “Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.

37. Kgosi eo e ke ke ya tsotella medimo ya bo-ntata yona, kapa modimo o ratwang haholo ke basadi, leha e le modimo ofe kapa ofe, empa e tla iphahamisa ho feta medimo eo yohle.

38. Bakeng sa medimo eo, kgosi eo e tla hlompha modimo o sireletsang diqhobosheane, e leng modimo oo bo-ntata kgosi eo ba sa kang ba o tseba. Kgosi eo e tla o nyehella ka kgauta, le ka silefera, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka dimpho tse kgahlehang.

39. Ka thuso ya modimo osele, kgosi eo e tla futuhela diqhobosheane tse matla ka ho fetisisa, mme bohle ba ipeang tlasa puso ya yona e ba tlotle, e ba etse babusi hodima setjhaba se sengata, e ba putse ka ho ba arolela naha.

40. “Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.

41. E tla futuhela le naha ya Kanana, e hape dinaha tse ngata, empa baahi ba Edomo le ba Moabe le baholo ba Baamone, bona ba tla phonyoha matsohong a yona.

Daniele 11