Daniele 11:19-34 BIBELE (SSO89SO)

19. Kgosi eo e tla kgutlela diqhobosheaneng tsa naha ya habo yona, empa e tla hlolwa, mme e timelle ruri.

20. “E tla hlahlangwa ke kgosi e nngwe, e tla romela mmokelli wa lekgetho, e le hore leruo la mmuso wa yona le tle le eketsehe. Empa kamora nakwana kgosi eo e tla bolawa ka sekgukgu, e seng ntweng.

21. “Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.

22. Bohle ba mo emang kapele o tla ba hohola jwalokaha sekgohola se hohola, a ba timetse, a timetse le yona kgosana ya selekane.

23. Ka ho etsa dilekane tsa bolotsana o tla matlafala, a hape puso, le hoja palo ya setjhaba seo a se busang e fokola.

24. O tla tsometsa dinaha tse ruileng, a di futuhele, a etse dintho tseo baholoholo ba hae ba sa kang ba tseba ho di etsa; a arolele balatedi ba hae thepa le maruo ao a a hapileng ntweng. O tla etsa merero ya ho futuhela diqhobosheane, empa nako e tla mo kgaoletsa.

25. “O tla ba sebete ho kgobokanya mabotho a mangata, a futuhele kgosi ya Egepeta. Kgosi eo ya Egepeta e tla itwanela ka lebotho le leholo, le matla, empa e ke ke ya atleha, hobane e tla etsetswa bolotsana.

26. Batshepuwa ba yona ba tla e diha. E tla bolaelwa bahlabani ba bangata, mme lebotho leo la yona le timetswe.

27. Dikgosi tsena tse pedi di tla jela tafoleng e le nngwe, empa dipelo tsa tsona di tletse bokgopo, di bolellana mashano. Di ke ke tsa fumana seo di se batlang, hobane nako e badilweng ha e eso fihle.

28. Kgosi ya Siria e tla kgutlela ha habo yona le matlotlo ao e a hapileng, e ikemiseditse ho senya selekane se halalelang. E tla iketsetsa borata, e ntano ipoella ha habo yona.

29. “Ha nako e badilweng e fihla, kgosi ena ya Siria e tla futuhela Egepeta hape, empa lekgetlong lena la bobedi ho ke ke ha tshwana le lekgetlong la pele.

30. Ba Kitime ba tla e futuhela ka dikepe, mme e tla kgathala matla. E tla kgutla e halefile, a fihle e hlatsetse kgalefo ya yona hodima selekane se halalelang, ebe e hauhela ba kwenehetseng selekane seo.

31. “Bahlabani ba kgosi ya Siria ba tla silafatsa Tempele, ba fedise sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, mme kahara Tempele eo ba bee Manyala a Tshenyeho.

32. Ba kwenehetseng selekane e tla ba hapa ka leleme le monate, empa setjhaba se tsebang Modimo wa sona se tla e hanyetsa se tiile.

33. “Bahlalefi ba tla ruta batho ba bangata, le hoja ka nakwana ba tla bolawa ka sabole, ba tjheswe ka mollo, ba thopuwe, ba jewe le maruo a bona.

34. Ha setjhaba sena se ntse se bolawa jwalo, se tla fumana thuso e seng kae, empa ba bangata ba tla se kgomarela ka bolotsana.

Daniele 11