Daniele 11:12-27 BIBELE (SSO89SO)

12. Kgosi eo e hlotseng e tla ikgohomosa ka tlholo ya yona, le ka bahlabani ba diketekete bao e ba bolaileng, empa e ke ke ya boela ya hlola.

13. Kgosi ya Siria e tla kgutlela naheng ya yona, e yo kgobokanya mabotho a fetang a pele ka bongata. Ha ho fetile dilemo tse itseng e tla futuha ka mabotho a mangata, a hlometseng haholo.

14. “Ka nako eo, setjhaba se sengata se tla fetohela kgosi ya Egepeta. Le kahara setjhaba sa heno, wena Daniele, ho tla hlaha banna ba kgantshang dikgoka, ba e fetohele, e le hore pono ena e tle e phethahale; feela ba tla hlolwa.

15. Kgosi ya Siria e tla fihla e hahe marako a phahameng ho potapota metse e haheleditsweng, mme e e hape. Bahlabani ba Egepeta ba ke ke ba ema kapele ho kgosi ya Siria, esita le mokgetho wa Egepeta o tla fellwa ke matla.

16. Kgosi eo ya Siria e futuhang e tla iketsetsa borata ka bona, mme ha ho ya tla e ema kapele. E tla kena naheng ya Kanana, eo e tla e timetsa ka letsoho la yona.

17. Kgosi eo e tla futuha ka mabotho a yona wohle. E tla etsa selekane le kgosi ya Egepeta, mme hore mmuso wa Egepeta o tle o we, e tla nyadisa kgosi eo ya Egepeta moradi wa yona; feela morero oo wa ho diha mmuso o ke ke wa atleha.

18. Hamorao e tla futuhela ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, mme e hape tse ngata. Empa molaodi e mong osele o tla e hlola, a fedise boikgohomoso ba yona. Ruri boikgohomoso ba kgosi ya Siria bo tla fetohela monga bona.

19. Kgosi eo e tla kgutlela diqhobosheaneng tsa naha ya habo yona, empa e tla hlolwa, mme e timelle ruri.

20. “E tla hlahlangwa ke kgosi e nngwe, e tla romela mmokelli wa lekgetho, e le hore leruo la mmuso wa yona le tle le eketsehe. Empa kamora nakwana kgosi eo e tla bolawa ka sekgukgu, e seng ntweng.

21. “Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.

22. Bohle ba mo emang kapele o tla ba hohola jwalokaha sekgohola se hohola, a ba timetse, a timetse le yona kgosana ya selekane.

23. Ka ho etsa dilekane tsa bolotsana o tla matlafala, a hape puso, le hoja palo ya setjhaba seo a se busang e fokola.

24. O tla tsometsa dinaha tse ruileng, a di futuhele, a etse dintho tseo baholoholo ba hae ba sa kang ba tseba ho di etsa; a arolele balatedi ba hae thepa le maruo ao a a hapileng ntweng. O tla etsa merero ya ho futuhela diqhobosheane, empa nako e tla mo kgaoletsa.

25. “O tla ba sebete ho kgobokanya mabotho a mangata, a futuhele kgosi ya Egepeta. Kgosi eo ya Egepeta e tla itwanela ka lebotho le leholo, le matla, empa e ke ke ya atleha, hobane e tla etsetswa bolotsana.

26. Batshepuwa ba yona ba tla e diha. E tla bolaelwa bahlabani ba bangata, mme lebotho leo la yona le timetswe.

27. Dikgosi tsena tse pedi di tla jela tafoleng e le nngwe, empa dipelo tsa tsona di tletse bokgopo, di bolellana mashano. Di ke ke tsa fumana seo di se batlang, hobane nako e badilweng ha e eso fihle.

Daniele 11