5. Yaba ke lelatsa mahlo a ka, ke a sheba, mme ka bona monna e mong ya apereng seaparo se entsweng ka lene, thekeng a itlamme ka senyepa sa kgauta e tswang Ufase.
6. Mmele wa hae o ne o benya jwaloka lehakwe le phatsimang, sefahleho sa hae se ka lehadima, mahlo a hae a ka mabone a tukang, matsoho a hae le maoto a hae a benya jwaloka lethose le hlakodisitsweng, lentswe la hae le utlwahala jwaloka modumo wa letshwele la batho.
7. Ke nna feela ya ileng a bona pono ena. Banna ba neng ba eme le nna bona ha ba a ka ba e bona, empa ba ile ba tshoha haholo hoo ba ileng ba baleha, ba ya ipata.
8. Ka baka leo, ka sala ke le inotshi, ke bohile pono e kgolo, mme ka fellwa ke matla, tshobotsi ya ka ya fetoha, ka tsherema mangwele.
9. Ka utlwa lentswe la hae ha a bua, mme ha ke le utlwa ka wela fatshe ka sefahleho, ka akgeha.
10. Yaba ke bona letsoho le nkama, le nkgumamisa ka mangwele le ka matsoho a ka.
11. Motho eo a re ho nna: “Wena Daniele ya ratwang haholo, utlwisisa seo ke o bolellang sona. Ema ka maoto, hobane ke ronngwe ho wena.”Hoba a rialo ka ema ke ntse ke thothomela.
12. Yaba o re ho nna: “Se tshabe, Daniele, hobane ho tloha ka letsatsi la pele leo ka lona o neng o qale ho batla kutlwisiso le ho ikokobeletsa Modimo wa hao, thapelo ya hao e ne e utlwahale, mme jwale ke tlile ho arabela thapelo eo ya hao.
13. Empa lengeloi le sireletsang mmuso wa Peresiya le ile la nthibela ka matsatsi a mashome a mabedi a motso o mong. Yaba Mikaele, le leng la mangeloi a ka sehloohong, o a nthusetsa, hobane ke ne ke setse moo ke le mong le kgosi ya Peresiya.
14. Jwale ke tlile ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno ka nako e tlang, hobane pono ena e supa tse tla etsahala ka nako e tlang.”
15. Hoba a bue mantswe ana ho nna ka tadima fatshe, leleme la ka la rareha.
16. Yaba letsoho le kang la motho le ama molomo wa ka, leleme la ka la raroloha, ka bua le ya emeng kapele ho nna, ka re: “Oho, monghadi wa ka, pono ena e nkutlwisitse bohloko, ke kgathetse matla.