Daniele 10:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka selemo sa boraro sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a fihlelwa ke molaetsa. Molaetsa ona e ne e le nnete, empa o le thata hore motho a o utlwisise. Daniele o ile a senolelwa molaetsa ona ka pono, mme a o utlwisisa.

2. Ka wona matsatsi ao, nna Daniele ka ba bofifing ka dibeke tse tharo tse tletseng.

3. Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo.

4. Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya pele, ke ne ke eme lebopong la noka e kgolo ya Tigerese.

5. Yaba ke lelatsa mahlo a ka, ke a sheba, mme ka bona monna e mong ya apereng seaparo se entsweng ka lene, thekeng a itlamme ka senyepa sa kgauta e tswang Ufase.

6. Mmele wa hae o ne o benya jwaloka lehakwe le phatsimang, sefahleho sa hae se ka lehadima, mahlo a hae a ka mabone a tukang, matsoho a hae le maoto a hae a benya jwaloka lethose le hlakodisitsweng, lentswe la hae le utlwahala jwaloka modumo wa letshwele la batho.

7. Ke nna feela ya ileng a bona pono ena. Banna ba neng ba eme le nna bona ha ba a ka ba e bona, empa ba ile ba tshoha haholo hoo ba ileng ba baleha, ba ya ipata.

Daniele 10