6. Hara bona ho ne ho ena le banna ba morabe wa Juda, e leng Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya.
7. Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.
8. Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.
9. Jwale Modimo a etsa hore mookamedi wa bahlanka ba kgosi a hauhele Daniele, a mo utlwele bohloko.
10. Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a re ho Daniele: “Ke tshaba monga ka, kgosi, ya laetseng hore le fuwe seo le se jang le seo le se nwang. Ha a ka bona difahleho tsa lona di motetse ho feta tsa bahlankana ba bang, thaka tsa lona, a ka mpolaya ka baka la lona.”
11. Yaba Daniele o bua le molebedi eo mookamedi wa bahlanka ba kgosi, a neng a mmeile ho lebela Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya, o re:
12. “Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome feela, re feptjwe meroho feela, re nwe metsi feela.
13. Kamora moo o bapise difahleho tsa rona le tsa bahlankana ba jang dijo tse jewang ke kgosi, o nto etsa ka bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.”
14. Molebedi a amohela tlhahiso ena ya bona, mme ka matsatsi a leshome a ba fepa jwalo.
15. Kamora matsatsi a leshome ba ne ba tadimeha ba kgahleha, ba shahlile ho feta bahlankana bohle ba neng ba feptjwa dijo tse jewang ke kgosi.
16. Yaba molebedi o tlosa dijo tsa bona tse hlabosang, le veine eo ba neng ba tshwanela ho e nwa, o ba fepa meroho feela.
17. Bahlankana bao ba bane Modimo a ba fa tsebo le kutlwisiso ya mefuta yohle ya dingodilweng le ya bohlale. Ha e le Daniele yena a ba le tsebo ya ho hlalosa dipono le ditoro tsohle.
18. Ha nako e neng e beilwe ke kgosi e fetile, mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba bea kapele ho Nebukadenesare.
19. Kgosi ya buisana le bona, mme hara bona kaofela ha e a ka ya fumana le ya mong ya lekanang le Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. Ka baka leo, ba qala ho sebeletsa kgosi.