Daniele 1:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.

3. Kgosi ya laela Ashepenase, mookamedi wa bahlanka ba kgosi, ho kgetha banna ba bang hara bana ba Iseraele, ba madi a bokgosi le a bohosana.

4. A re e be bahlankana ba se nang sepha, ba ditjaka, ba rutilweng bohlale bohle, ba nang le tsebo, ba dikelello di tjhatsi, ba ka tsebang ho sebetsa ka tlung ya kgosi. E be ba ka rutwang puo le dingodilweng tsohle tsa Bakalatiya.

5. Kgosi ya lalela hore ka letsatsi le leng le le leng ba fuwe dijo tse jewang ke yona, le veine e nowang ke yona. Ba ne ba lokela ho rutwa ka dilemo tse tharo, ba nto qala ho sebeletsa kgosi.

6. Hara bona ho ne ho ena le banna ba morabe wa Juda, e leng Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya.

7. Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.

8. Daniele a qetela ka pelong hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tse jewang ke kgosi, leha e le ka veine e nowang ke yona kgosi. Ka baka leo, a kopa mookamedi wa bahlanka ba kgosi hore a mo dumelle ho se itshilafatse ka dijo le ka dino tseo.

9. Jwale Modimo a etsa hore mookamedi wa bahlanka ba kgosi a hauhele Daniele, a mo utlwele bohloko.

10. Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a re ho Daniele: “Ke tshaba monga ka, kgosi, ya laetseng hore le fuwe seo le se jang le seo le se nwang. Ha a ka bona difahleho tsa lona di motetse ho feta tsa bahlankana ba bang, thaka tsa lona, a ka mpolaya ka baka la lona.”

11. Yaba Daniele o bua le molebedi eo mookamedi wa bahlanka ba kgosi, a neng a mmeile ho lebela Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya, o re:

12. “Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome feela, re feptjwe meroho feela, re nwe metsi feela.

13. Kamora moo o bapise difahleho tsa rona le tsa bahlankana ba jang dijo tse jewang ke kgosi, o nto etsa ka bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.”

14. Molebedi a amohela tlhahiso ena ya bona, mme ka matsatsi a leshome a ba fepa jwalo.

Daniele 1