17. Bahlankana bao ba bane Modimo a ba fa tsebo le kutlwisiso ya mefuta yohle ya dingodilweng le ya bohlale. Ha e le Daniele yena a ba le tsebo ya ho hlalosa dipono le ditoro tsohle.
18. Ha nako e neng e beilwe ke kgosi e fetile, mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba bea kapele ho Nebukadenesare.
19. Kgosi ya buisana le bona, mme hara bona kaofela ha e a ka ya fumana le ya mong ya lekanang le Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya. Ka baka leo, ba qala ho sebeletsa kgosi.
20. Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona.
21. Daniele a dula moo ho fihlela ka selemo sa pele sa puso ya kgosi Siruse.