Baroma 9:6-17 BIBELE (SSO89SO)

6. Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele.

7. Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”

8. Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele;

9. etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”

10. Empa hase ho fela. Rebeka o ile a emola mafahla ka ntata rona Isaka.

11. Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,

12. e se be o tswalwang ke diketso, e mpe e be o tswang ho ya bitsang, ho ile ha thwe ho Rebeka: “E moholo o tla sebeletsa e monyenyane;”

13. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ratile Jakobo ho ena le Esau.”

14. Jwale re tla reng? Na Modimo ha a na toka? Le kgale!

15. O itse ho Moshe: “Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke utlwele bohloko eo ke mo utlwelang bohloko.”

16. Ka baka leo, hase taba ya thato kapa ya boiteko ba motho, empa ke ya mohau wa Modimo,

17. hobane Mangolong ho itswe ho Faro: “Ke o entse kgosi ka lebaka lona lena: hore ke bontshe matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.”

Baroma 9