Baroma 9:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!

6. Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele.

7. Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”

8. Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele;

9. etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”

10. Empa hase ho fela. Rebeka o ile a emola mafahla ka ntata rona Isaka.

11. Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,

12. e se be o tswalwang ke diketso, e mpe e be o tswang ho ya bitsang, ho ile ha thwe ho Rebeka: “E moholo o tla sebeletsa e monyenyane;”

13. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ratile Jakobo ho ena le Esau.”

14. Jwale re tla reng? Na Modimo ha a na toka? Le kgale!

15. O itse ho Moshe: “Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke utlwele bohloko eo ke mo utlwelang bohloko.”

Baroma 9