3. Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.
4. Ke Baiseraele, ke ba entsweng bana ba Modimo, ke ba neilweng tlotla, le dilekane, le Molao, le tshebeletso ya nnete ya Modimo, le ditshepiso.
5. Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!
6. Empa hase hore lentswe la Modimo ha le a ka la atleha, hobane hase hore ditloholo tsohle tsa Iseraele ke Baiseraele ba sebele.
7. Hape hase hore ditloholo tsohle tsa Aborahama ke bana ba hae, empa ho ngotswe, ho thwe: “Ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao.”
8. Hona ke ho bolela hore bao e leng bana ba Modimo hase ba tswetsweng ka mokgwa o tlwaelehileng, empa ba tswetsweng ka ho ya ka tshepiso, ke bona ba nkwang e le ditloholo tsa sebele;
9. etswe mantswe a tshepiso a re: “Ka yona nako ena ke tla tla hape, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”
10. Empa hase ho fela. Rebeka o ile a emola mafahla ka ntata rona Isaka.
11. Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,
12. e se be o tswalwang ke diketso, e mpe e be o tswang ho ya bitsang, ho ile ha thwe ho Rebeka: “E moholo o tla sebeletsa e monyenyane;”
13. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke ratile Jakobo ho ena le Esau.”