Baroma 9:17-29 BIBELE (SSO89SO)

17. hobane Mangolong ho itswe ho Faro: “Ke o entse kgosi ka lebaka lona lena: hore ke bontshe matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.”

18. Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa.

19. Jwale o tla re ho nna: “Ke ka baka lang Modimo a sa ntseng a bona phoso ho motho? Ke mang ya ka hanyetsang thato ya hae?”

20. Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”

21. Na sebopi sa dipitsa ha se na matla hodima letsopa, a ho etsa ka kgwabi e le nngwe pitsa tse pedi, e nngwe e le ya mesebetsi e kgethehileng, e nngwe e le ya mesebetsi ya kamehla?

22. Re ka reng, haeba Modimo a ne a rata ho bontsha kgalefo ya hae, le ho tsebahatsa matla a hae, mme a mameletse ka boiphapanyo bo boholo dibopuwa tseo a neng a di halefetse, tse loketseng ho timela?

23. Hape o ne a rata ho tsebahatsa boholo ba tlotla ya hae hodima dibopuwa tse hauhetsweng, tseo a di lokiseditseng tlotla e sa le pele;

24. e leng rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba.

25. Ho jwalokaha a bolela bukeng ya Hosea, a re:“Setjhaba seo e neng e se sa ka,ke tla se bitsa setjhaba sa ka;le mosadi ya neng a sa ratwe,ke tla mmitsa moratuwa,

26. mme ho tla etsahala horemoo ho neng ho itswe ho bona:<Ha le setjhaba sa ka,>hona teng ba tla bitswa bana,bana ba Modimo ya phelang.”

27. Le yena Esaya o phatlalatsa tsa Iseraele, o re: “Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la lewatle, ke methwaela feela e tla pholoha,

28. hobane Morena o tla phethahatsa kahlolo ya hae lefatsheng ka ho tlala, le hona ka potlako.”

29. Ho jwalokaha Esaya a boletse pele, a re:“Hoja Morena wa mabothoa sa ka a re siela mahlatsipa,re ka be re le ilera ba jwaloka Sodoma,re ka be re ilera tshwana le Gomora.”

Baroma 9