9. Lona ha le laolwe ke botho, le laolwa ke Moya, haeba Moya wa Modimo o fela o phela ka ho lona; athe ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa Kreste.
10. Empa haeba Kreste a phela ka ho lona, mmele o tla shwa ka baka la sebe, athe Moya o Halalelang o tla le phedisa ka baka la ho lokafatswa ha lona.
11. Haeba Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang, ka Moya wa hae o phelang ka ho lona.
12. Ka baka leo, bana beso, ha re a tlangwa ke botho hore re phele ka ho ya ka botho.
13. Ha le phela ka ho ya ka botho, le tla shwa, empa haeba le bolaya diketso tsa botho ka Moya, le tla phela.
14. Bohle ba tsamaiswang ke Moya wa Modimo ke bana ba Modimo.
15. Moya oo le o amohetseng hase moya wa bokgoba o boelang o le tshabisa, empa ke moya o le etsang bana ba Modimo, oo re howang ka wona, re re: “Abba!” ke ho re: “Ntate!”
16. Ka sebele sa wona, Moya wa Modimo o pakelana le meya ya rona hore re bana ba Modimo.
17. Ha re le bana ba Modimo, re majalefa, majalefa a Modimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re ena le kabelo mahlokong a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ya hae.
18. Ke hopola hore bohloko ba nako ya jwale ha bo lokele ho lekanngwa le tlotla eo re tla e senolelwa.