Baroma 8:21-31 BIBELE (SSO89SO)

21. le tsona dihlodilweng di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di be le kabelo tokolohong e tlotlehang ya bana ba Modimo.

22. Re a tseba hore, ho fihlela jwale, dihlodilweng tsohle di fehelwa hammoho, mme di utlwa bohloko bo kang ba pelehi.

23. Hase tsona feela, empa le rona, ba neilweng Moya e le mpho ya ho qala ya Modimo, re fehellwa ka dipelong, re ntse re lebeletse hore Modimo a re amohele re le bana ba hae, mme a lopolle le mmele ya rona.

24. Re pholositswe ka ho lebella ka tshepo, empa ho lebella se seng se le teng ha e sa le ho tshepa, hobane motho a ka lebella jwang seo a seng a ena le sona?

25. Empa ha re tshepile ho fumana seo re esong ho be le sona, re se lebella ka mamello.

26. Ka mokgwa o jwalo Moya o re thusa bofokoding ba rona, hobane ha re tsebe ho rapela ka mokgwa o tshwanelang, empa Moya ka bowona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.

27. Ya bonang se ka dipelong, o tseba sepheo sa Moya, hobane Moya o rapella badumedi ho ya ka thato ya Modimo.

28. Jwale re a tseba hore ba ratang Modimo, ba bitsitsweng ka morero wa hae, tsohle di ba tlisetsa molemo.

29. Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele hore ba tshwane le Mora wa hae, e le hore Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo.

30. Bao a ba kgethileng e sa le pele, o bile o ba bitsitse; bao a ba bitsitseng, o bile o ba lokafaditse; bao a ba lokafaditseng, o bile o ba tlotlisitse.

31. Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?

Baroma 8