Baroma 7:9-13 BIBELE (SSO89SO)

9. Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,

10. mme nna ka shwa. Taelo e neng e tshwanetse ho tlisa bophelo, ka fumana e ntlisetsa lefu,

11. hobane ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho nthetsa, mme ka yona sa mpolaya.

12. Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.

13. Na ke ho re ntho e molemo ee e ntliseditse lefu? Le kgale! Ke sebe se ntliseditseng lefu ka ntho ena e molemo, hore se tle se bonahale e le sebe. Ka taelo, sebe e tla ba sebe ka ho fetisisa.

Baroma 7