12. Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.
13. Na ke ho re ntho e molemo ee e ntliseditse lefu? Le kgale! Ke sebe se ntliseditseng lefu ka ntho ena e molemo, hore se tle se bonahale e le sebe. Ka taelo, sebe e tla ba sebe ka ho fetisisa.
14. Re a tseba hore Molao ke wa moya, athe nna ke wa nama, ke lekgoba la sebe.
15. Ha ke tsebe seo ke se etsang, hobane seo ke ratang ho se etsa ha ke se etse, empa ke etsa seo ke se nyonyang.
16. Ha ke etsa seo ke sa rateng ho se etsa, hona ke ho dumela hore molao o nepahetse.
17. Jwale ha e sa le nna ya se etsang, empa se etswa ke sebe se ahileng ka ho nna.
18. Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato.
19. Tse lokileng tseo ke ratang ho di etsa ha ke di etse, empa ke etsa tse mpe tseo ke sa di rateng.
20. Haeba ke etsa seo ke sa se rateng, ha e sa le nna ya se etsang, empa se etswa ke sebe se ahileng ka ho nna.
21. Jwale ke fumana ho le tjena: Ha ke rata ho etsa tse ntle, ke etsa tse mpe.
22. Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo,
23. empa bothong ba ka ba nama ho teng molao osele, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o nkenyang ditlamong tsa molao wa sebe o teng bothong ba ka.
24. Ke motho ya soto hakaakang! Ke mang ya tla ntokolla boemong boo bo nkisang lefung?