1. Bana beso, na ha le tsebe hore molao o busa motho ka nako yohle eo a ntseng a phela ka yona? Etswe ke bua le ba tsebang molao.
2. Mosadi ya nyetsweng o tlameletswe ke molao ho monna wa hae, ha monna a ntse a phela, empa ha monna a shwele, o lokolotswe molaong wa monna.
3. Ka baka leo, ha monna wa hae a ntse a phela, o tla bitswa mofebi ha e ka ba wa monna e mong, empa ha monna wa hae a shwele, mosadi o lokolotswe molaong, hore e se be mofebi ha e ka ba wa monna e mong.
4. Ka mokgwa o jwalo, bana beso, le lona le shwele ka nqeng ya Molao wa Moshe, ka baka la ho ba mmele wa Kreste, hore le be ba e mong: Ke ho re le be ba ya tsohileng bafung, e le hore re tle re etse mosebetsi wa Modimo.
5. Ha re ne re sa ntsane re phela ka tsa botho, ditakatso tsa sebe tse leotswang ke Molao di ne di sebetsa dithong tsa rona, hore di tle di etse mosebetsi wa lefu.
6. Empa jwale, kaha re shwele ka nqeng ya se neng se re tshwere, re lokolotswe Molaong, hore re sebeletse Modimo ka moya o motjha, e seng ka Molao wa kgale.
7. Jwale re tla reng? Na Molao ke sebe? Le kgale! Leha ho le jwalo, nka be ke sa tsebe sebe hoja e se be ka Molao; le takatso nka be ke sa e tsebe, ha Molao o ne o sa re: “O se ke wa lakatsa.”
8. Ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho hlahisa ka ho nna ditakatso tsa mefuta yohle, hobane ha molao o le siyo, sebe se shwele.
9. Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,
10. mme nna ka shwa. Taelo e neng e tshwanetse ho tlisa bophelo, ka fumana e ntlisetsa lefu,
11. hobane ka taelo eo sebe se ile sa fumana monyetla wa ho nthetsa, mme ka yona sa mpolaya.
12. Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.