1. Jwale re tla reng? Na re tla tswela pele ho etsa sebe hore mohau o tle o ate?
2. Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?
3. Kapa ha le tsebe hore rona bohle ba kolobeleditsweng ho Jesu Kreste, re kolobeleditswe lefu la hae?
4. Ka kolobetso re epetswe le yena, ra ba le kabelo lefung la hae, e le hore, jwalokaha Kreste a tsohile bafung ka matla a tlotlehang a Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tle re phele bophelo bo botjha.
5. Ha re se re entswe ntho e le nngwe le Kreste ka lefu le tshwanang le la hae, re tla ba jwalo le ka tsoho e tshwanang le ya hae.
6. Re a tseba hore botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore boleng ba rona bo buswang ke sebe bo timetswe, re tle re se hlole re eba makgoba a sebe,
7. hobane ya shweleng o lokolotswe sebeng.
8. Haeba re shwele le Kreste, le teng re dumela hore re tla phela le yena;
9. kaha re tseba hore Kreste ya tsohileng bafung ha a ka ke a hlola a eshwa hape, lefu ha le sa na matla hodima hae.
10. Ho shweng ha hae, o shwele hanngwe feela ka nqeng ya sebe, empa ho pheleng ha hae, o phelela Modimo.
11. Ka mokgwa o jwalo le lona le inke le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le le ba phelelang Modimo ho Kreste Jesu.
12. Ha ho le jwalo, sebe se se ke sa busa mmeleng ya lona e shwang, sa etsa hore le mamele ditakatso tsa botho.
13. Le se ke la hlola le neela sebe ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho se loke; le mpe le ineele Modimo le le ba phelang, ba tsohileng bafung; le neele Modimo ditho tsa lona, hore e be dihlomo tsa ho loka.
14. Sebe se ke ke sa ba le matla hodima lona, hobane ha le sa le tlasa Molao, empa le tlasa mohau.
15. Jwale? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlasa Molao, re mpa re le tlasa mohau? Le kgale!