1. Jwale, erekaha re lokafaditswe ka tumelo, re na le kgotso le Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste.
2. Ke ka yena re bileng le hona ho amohelwa ka baka la tumelo mohaung ona oo re leng ho wona, mme re motlotlo ka ho ba le tshepo ya ho abelwa tlotla ya Modimo.
3. Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello,
4. mamello ke bopaki ba hore re amohelehile, ho amoheleha hoo ho hlahisa tshepo,
5. mme tshepo eo ha e swabise, hobane dipelo tsa rona di tlatsitswe lerato la Modimo ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.
6. Efela ha re ne re sa ntse re fokola, Kreste o ile a shwela ba kgopo, ka nako e beilweng.
7. Ho thata hore motho a shwele ya lokileng; mohlomong motho a ka beta pelo ho shwela ya molemo,
8. empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.
9. Erekaha jwale re lokafaditswe ka madi a hae, re tla pholoswa ka yena bohaleng ba Modimo ho feta hakaakang!
10. Haeba re boelantswe le Modimo ka lefu la Mora wa hae, ha re ne re sa ntse re le dira tsa Modimo, re tla pholoswa ho feta hakaakang ka bophelo ba Kreste, ha re se re boelantswe le Modimo!
11. Ho feta mona, re ithorisa ka Modimo, ka baka la Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng poelano ka yena.
12. Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.
13. Le pele Molao o eba teng, sebe se ne se se se le teng lefatsheng, empa sebe ha se balwe e le sebe ha molao o le siyo.
14. Leha ho le jwalo, lefu le ile la busa ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe, esita le hodima ba sa kang ba etsa sebe ka tshito e tshwanang le ya Adama. Adama eo o tshwantsha ya neng a tla tla.
15. Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!
16. Hape mpho eo ha e tshwane le sebe sa motho eo a le mong, Adama, hobane kahlolo e latetseng sebe seo se le seng e bile kotlo, athe mpho ya mohau e latetseng ditshito tse ngata e bile tokafatso.
17. Ha e le mona, ka tshito ya motho a le mong, e leng Adama, lefu le qadile ho busa ka baka la motho eo a le mong feela, ba amohelang mohau o mongata le mpho e kgolo ya ho loka, bona ba tla busa ho feta hakaakang bophelong, ka baka la motho a le mong, Jesu Kreste!
18. Jwalokaha bohle ba ahlotswe ka baka la tshito ya motho a le mong, ka mokgwa o jwalo bohle ba lokafatswa le ho phediswa ka ketso e lokileng ya motho a le mong.
19. Jwalokaha ba bangata ba entswe baetsadibe ka ho se mamele ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla etswa ba lokileng ka ho mamela ha motho a le mong.
20. Molao o ile wa eba teng hore tshito e tle e ate, empa moo sebe se atileng teng, mohau o ba mongata ka ho fetisisa.
21. Ka baka leo, jwalokaha sebe se ile sa busa ka lefu, ka mokgwa o jwalo mohau o busa ka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.