Baroma 4:13-24 BIBELE (SSO89SO)

13. Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.

14. Ha majalefa e le majalefa ka baka la Molao, tumelo e fetoha lefeela, mme tshepiso ha e sa na thuso,

15. hobane Molao o tlisa kgalefo ya Modimo; athe moo ho se nang molao, tlolo ya molao ha e yo.

16. Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,

17. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng.

18. Leha lebaka la ho tshepa le ne le le siyo, Aborahama o ile a dumela ka tshepo hore e tla ba ntata ditjhaba tse ngata, ho ya ka se boletsweng, ha ho thwe: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”

19. Ha a a ka a fokola tumelong, ha a nahana hore e se e le mobu, kaha a ne a le dilemo tse ka bang lekgolo, le hore Sara a ke ke a hlola a pepa.

20. Ha a a ka a belaela tshepiso ya Modimo ka ho se dumele, empa a matlafatswa ke tumelo, a tlotlisa Modimo.

21. O ne a kgodisehile ka botlalo hore seo Modimo a mo tshepisitseng sona o na le matla a ho se etsa.

22. Ka baka leo, hona a ho ballwa e le ho loka.

23. Jwale, hore tumelo o e baletswe e le ho loka, ha ho a ngolwa ka baka la Aborahama feela,

24. empa ho ngotswe ka baka la rona, ba seng ba tla e ballwa, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu, Morena wa rona, bafung,

Baroma 4