Baroma 4:13-18 BIBELE (SSO89SO)

13. Tshepiso ya hore Aborahama e tla ba mojalefa wa lefatshe ha e a ka ya etsetswa yena, kapa ditloholo tsa hae, ka baka la Molao, empa ka baka la ho loka ho tswang tumelong.

14. Ha majalefa e le majalefa ka baka la Molao, tumelo e fetoha lefeela, mme tshepiso ha e sa na thuso,

15. hobane Molao o tlisa kgalefo ya Modimo; athe moo ho se nang molao, tlolo ya molao ha e yo.

16. Ka baka leo, majalefa ke majalefa ka baka la tumelo, e le hore ka mohau wa Modimo tshepiso e tle e akareletse le ditloholo tsohle tsa Aborahama, e seng feela tse tlasa Molao wa Moshe, empa e leng tse nang le tumelo e kang ya Aborahama, ntata rona bohle,

17. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng.

18. Leha lebaka la ho tshepa le ne le le siyo, Aborahama o ile a dumela ka tshepo hore e tla ba ntata ditjhaba tse ngata, ho ya ka se boletsweng, ha ho thwe: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”

Baroma 4