1. Jwale re tla botsa, re re: Na Aborahama, moholoholo wa rona, o iphumanetse eng ka boyena?
2. Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo.
3. Ana Mangolo a reng? A re: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka.”
4. Ha motho a sebeditse, moputso wa hae ha o balwe e le mpho, empa o balwa e le seo a se sebeleditseng.
5. Empa ya sa sebetseng, a mpa a dumela ho ya lokafatsang ya kgopo, o ballwa tumelo ya hae e le ho loka.
6. Le yena Davida o bua ka lehlohonolo la motho eo Modimo a mmallang ho loka a sa re letho ka diketso tsa hae, ha a re:
7. “Ho lehlohonoloba tshwaretsweng ditlolo tsa bona,le bao dibe tsa bona di hlakotsweng;
8. ho lehlohonolo mothoeo Morena a sa tlo mmalla sebe.”
9. Ebe lehlohonolo lee ke la ba bolotseng feela, kapa le la maqai? Re re: “Aborahama o ile a ballwa tumelo ya hae e le ho loka.”
10. Jwale o ile a e ballwa neng? A se a bolotse kapa e sa le leqai? A eso bolle, e sa le leqai.
11. Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.
12. Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.