Baroma 3:10-26 BIBELE (SSO89SO)

10. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Ha ho le ya mong ya lokileng,

11. ha ho ya utlwisisang,ha ho ya batlang Modimo;

12. bohle ba kgelohile,kaofela ha ba na thuso;ha ho ya etsang ho lokileng,leha a le mong.

13. Mmetso ya bona ke lebitlale ahlamileng,ba bolela leshanoka maleme a bona,mahloko a marabea tswa melomong ya bona,

14. lehano la bona le tletse mahlapale tse babang;

15. maoto a bona a bobebeha ba ya tsholla madi,

16. tshenyeho le bosotodi mehlaleng ya bona,

17. mme tsela e isang kgotsong,ha ba e tsebe.

18. Ho tshaba Modimo,ha ho yo ho bona.”

19. Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.

20. Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.

21. Empa jwale ho lokafatswa ke Modimo ho bonahaditswe e le ho sa itshetleheng ka Molao; hona ho pakwa ke Molao le Baporofeta.

22. Ke ka ho dumela ho Jesu Kreste, Modimo a lokafatsang bohle ba dumelang, ho se kgethollo.

23. Bohle ke baetsadibe, ba ikamohile tlotla ya Modimo.

24. Empa ba lokafatswa feela ka mohau wa hae, ka ho lopollwa ke Kreste Jesu.

25. Ke yena eo Modimo a mo kgethileng hore ka madi a hae a tsholohileng, dibe tsa batho di lefellwe, ha ba ena le tumelo. Modimo o bontshitse ho loka ha hae ka ho iphapanyetsa dibe tsa mehla e fetileng,

26. nakong ya mamello ya hae. Le nakong ya jwale o sa bontsha ho loka ha hae; o bontsha hore yena o lokile, mme o lokafatsa ya dumelang ho Jesu.

Baroma 3