1. Ha ho le jwalo, Mojuda o feta moditjhaba ka eng? Ka tse ngata. Kapa molemo wa lebollo ke ofe?
2. E mengata. Haholoholo ke hobane Bajuda ba tshepetswe ho boloka dipolelo tsa Modimo.
3. Jwale haeba ba bang ba sa ka ba tshepahala, na ho se tshepahale hoo ha bona ho ka fedisa ho tshepahala ha Modimo?
4. Le kgale! Batho bohle ba leshano, athe Modimo o na le nnete, jwalokaha ho ngotswe ka yena, ho thwe:“O tla fumanwa o lokiledipolelong tsa hao,o tla hlola nyewe ha o qoswa.”
5. Empa ha ho se loke ha rona ho totobatsa ho loka ha Modimo, re tla reng? Na Modimo ha a na toka ha a re otla? Ke bua ka mokgwa wa batho.
6. Le kgale! Ho seng jwalo, Modimo a ka ahlola lefatshe jwang?
7. Empa haeba ka leshano la ka, nnete ya Modimo e bonahala ho feta, mme hona ho mo tlotlisa, ke ka baka lang ha ke ntse ke ahlolwa jwaloka moetsadibe?
8. Na ha ho molemo hore re etse bobe, e le hore tse molemo di tle di hlahe, jwalokaha ba bang ba re etseletsa, ka ho re re rialo? Bona ba lokelwa ke kahlolo.
9. Jwale? Na re feta ba bang? Le hanyenyane! Re se re bontshitse hore Bajuda le baditjhaba, bohle ba matleng a sebe,
10. jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Ha ho le ya mong ya lokileng,
11. ha ho ya utlwisisang,ha ho ya batlang Modimo;
12. bohle ba kgelohile,kaofela ha ba na thuso;ha ho ya etsang ho lokileng,leha a le mong.
13. Mmetso ya bona ke lebitlale ahlamileng,ba bolela leshanoka maleme a bona,mahloko a marabea tswa melomong ya bona,
14. lehano la bona le tletse mahlapale tse babang;
15. maoto a bona a bobebeha ba ya tsholla madi,