21. Wena ya rutang ba bang, na o a ithuta? Wena ya bolelang hore ho se ke ha utsuwa, na ha o utswe?
22. Wena o reng ho se ke ha fejwa, na ha o febe? Wena ya nyonyang medimo ya bohata, na ha u utswe tsa ditempele?
23. Wena ya ithorisang ka Molao, na ha o hlompholle Modimo ka ho tlola Molao oo?
24. Lebitso la Modimo le nyefolwa hara ditjhaba ka baka la lona, jwalokaha ho ngotswe.
25. Efela lebollo le na le thuso ha o boloka Molao, empa ha o itlwaeditse ho tlola Molao, ho bolla ha hao ho tshwana le boqai.
26. Ha leqai le boloka ditaelo tsa Molao, na leqai leo le ke ke la nkwa le bolotse?
27. Ha leqai leo le phetha Molao, le tla o ahlola, wena ya itlwaeditseng ho tlola Molao, leha o ntse o ena le buka ya Molao, mme o bile o bolotse.
28. Hantlentle Mojuda wa nnete hase eo e leng yena ka tshobotsi, esita le lebollo la nnete hase letshwao le ka bonwang nameng,
29. empa Mojuda wa nnete ke eo e leng yena ka pelong, le lebollo la nnete ke la pelo. Lona ke mosebetsi wa Moya o Halalelang, e seng taba ya buka ya Molao feela. Thoriso ya hae e tswa ho Modimo, e seng ho batho.