12. Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.
13. Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa.
14. Ha baditjhaba ba sa tsebeng Molao wa Moshe, ba phetha ditaelo tsa Molao ka bobona, bona bao ba sa tsebeng Molao wa Moshe, molao wa bona ke bona ka sebele.
15. Ba bontsha hore mesebetsi ya Molao e ngotswe dipelong tsa bona; matswalo a bona a ntse a ba pakela, ha mehopolo ya bona e ba qosa kapa e ba emela.
16. Ho ya ka molaetsa o molemo, oo ke o bolelang, ho tla ba jwalo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a ahlolang diphiri tsa batho ka Jesu Kreste.
17. Jwale wena ya bitswang Mojuda, o tshepile Molao, o ithorisa ka Modimo,
18. o tseba thato ya hae, o tseba ho kgetha tse fetisang ka bohlokwa, kaha o rutilwe Molao.
19. O ikgodisitse hore o motsamaisi wa difofu, lesedi la ba lefifing,
20. morupedi wa dithoto, moruti wa ba esong ho be le kutlwisiso, le hore o fumane tsebo le nnete yohle Molaong.
21. Wena ya rutang ba bang, na o a ithuta? Wena ya bolelang hore ho se ke ha utsuwa, na ha o utswe?
22. Wena o reng ho se ke ha fejwa, na ha o febe? Wena ya nyonyang medimo ya bohata, na ha u utswe tsa ditempele?
23. Wena ya ithorisang ka Molao, na ha o hlompholle Modimo ka ho tlola Molao oo?
24. Lebitso la Modimo le nyefolwa hara ditjhaba ka baka la lona, jwalokaha ho ngotswe.