1. Ka baka leo, wena motho ya ahlolang, leha o ka ba mang kapa mang, o hloka boitatolo, hobane ka ho ahlola ba bang, o a ikahlola, kaha wena ya ahlolang o ntse o etsa tsona tseo.
2. Re tseba hore Modimo o ahlola ka nepo ba etsang tse jwalo.
3. Jwale wena motho ya ahlolang ba bang ba etsang tse jwalo, empa o ntse o di etsa, na o hopola hore o tla phonyoha kahlolong ya Modimo?
4. Kapa o nyedisa boholo ba mosa wa hae, le ba boiphapanyo ba hae, le ba mamello ya hae, hobane o sa tsebe hore mosa wa Modimo o o isa pakong?
5. Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.
6. Modimo o tla putsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae.
7. Ba batlang tlotla le hlompho le ho se shwe, ka ho tiisetsa ho etsa tse lokileng, o tla ba nea bophelo bo sa feleng.
8. Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.
9. Matshwenyeho le mahlomola a tla tlela motho ka mong ya etsang bobe, Mojuda pele, le yena moditjhaba.
10. Empa tlotla, le hlompho, le kgotso e tla ba tsa e mong le e mong ya etsang tse lokileng, Mojuda pele, le yena moditjhaba.
11. Modimo ha a ye ka tshobotsi.
12. Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.