Baroma 16:3-14 BIBELE (SSO89SO)

3. Ntumedisetseng Priseka le Akulase, bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona,

4. ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba.

5. Dumedisang le kereke e phuthehelang ha bona. Dumedisang motswalle wa ka Epainetose, eo e bileng wa pele naheng ya Asia ho ineela ho Kreste.

6. Dumedisang Maria, ya le sebeleditseng haholo.

7. Dumedisang Anaderonikose le Junia, bahaeso ba bileng ditlamong mmoho le nna, ba tumileng hara baapostola, mme ba ineetseng ho Kreste pele ho nna.

8. Dumedisang Ampelease, motswalle wa ka Moreneng.

9. Dumedisang Urebanose, eo re sebeletsang Kreste mmoho le yena, le motswalle wa ka Setakuse.

10. Dumedisang Apelese, ya bontshitseng botshepehi ba hae ho Kreste. Dumedisang ba lelapa la Arisetobulose.

11. Dumedisang mohaeso Herodione. Dumedisang ba lelapa la Narekisose, hobane ke ba Morena.

12. Dumedisang Terufaina le Terufosa, ba sebeletsang Morena haholo. Dumedisang motswalle Peresise, ya sebeleditseng Morena haholo.

13. Dumedisang Rufose, mokgethwa wa Morena, le mmae, eo le nna e leng mme.

14. Dumedisang Asunkiritose, Felegone, Heremese, Patarobase, Heremase, le bana babo rona bohle ba nang le bona.

Baroma 16