Baroma 16:13-27 BIBELE (SSO89SO)

13. Dumedisang Rufose, mokgethwa wa Morena, le mmae, eo le nna e leng mme.

14. Dumedisang Asunkiritose, Felegone, Heremese, Patarobase, Heremase, le bana babo rona bohle ba nang le bona.

15. Dumedisang Filologose le Julia, Nereuse le kgaitsedi ya hae, le Olompase, le badumedi bohle ba nang le bona.

16. Dumedisanang ka kako e halalelang. Dikereke tsohle tsa Kreste di a le dumedisa.

17. Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe

18. hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.

19. Ho mamela ha lona ho tsejwa ke bohle; ka baka leo, ke a le thabela, mme ke lakatsa hore le be bohlale ho tse lokileng, le se ikamahanye le tse mpe.

20. Modimo ya re fang kgotso o tla etsa hore le ripitle Satane kapelepele.Mohau wa Morena wa rona Jesu o ke o be le lona.

21. Timothea, eo re sebetsang mmoho le yena, o a le dumedisa; le bahaeso bo-Losiase, le Jasone, le Sosipaterose, ba a le dumedisa.

22. Le nna Teretiose, ya ngotseng lengolo lena, ke a le dumedisa Moreneng.

23. Gaiose, eo ke leng moeti wa hae, eo le kereke yohle e phuthehelang ha hae, o a le dumedisa.Erasetose, ramatlotlo wa motse, le ngwanabo rona Kuaretose, ba a le dumedisa.

24. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle. A ho be jwalo!

25. Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong,

26. empa jwale se senotswe ka Mangolo a boporofeta ho ya ka taelo ya Modimo ya sa feleng, se tsebisitswe ditjhaba tsohle, hore di tle di be le mamelo e tswang tumelong.

27. Tlotla e ke e iswe, ka Jesu Kreste, ho Modimo ya bohlale a inotshi, kamehla le mehla. A ho be jwalo!

Baroma 16