Baroma 16:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Kgaitsedi ya rona Foibe, eo e leng mosebeletsi wa kereke e Kenkeria, ke mmea paballong ya lona.

2. Le mo amohele ka mokgwa o lokelang badumedi, hobane ke wa Morena. Le mo thuse tabeng efe le efe eo a ka hlokang thuso ya lona ho yona, hobane le yna o thusitse ba bangata, esita le nna ka sebele.

3. Ntumedisetseng Priseka le Akulase, bao re sebeletsang Kreste Jesu mmoho le bona,

4. ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba.

5. Dumedisang le kereke e phuthehelang ha bona. Dumedisang motswalle wa ka Epainetose, eo e bileng wa pele naheng ya Asia ho ineela ho Kreste.

6. Dumedisang Maria, ya le sebeleditseng haholo.

7. Dumedisang Anaderonikose le Junia, bahaeso ba bileng ditlamong mmoho le nna, ba tumileng hara baapostola, mme ba ineetseng ho Kreste pele ho nna.

Baroma 16