Baroma 15:27-33 BIBELE (SSO89SO)

27. Ba ikemiseditse ho etsa jwalo, etswe ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo, hobane ha Bajuda ba ile ba arolelana tsa moya le baditjhaba, eka kgona le baditjhaba ba sebeletse Bajuda ka tsa lefatshe lena.

28. Ha ke se ke phethile hona, mme ke ba neile koleke eo, ke tla tla feta le ho lona, ha ke eya Sepania.

29. Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste.

30. Bana beso, ka Morena wa rona Jesu Kreste le ka lerato la Moya, ke a le rapela hore le nthuse ka ho nthapella ho Modimo,

31. hore ke tle ke sireletswe ho ba sa dumeleng, ba Judea, mme dithuso tseo ke di isang Jerusalema di tle di amohelehe ho badumedi.

32. Ha ho ka ba jwalo, ke tla le etela ke thabile, ke kgatholohe le lona, ha Modimo a rata.

33. Jwale Modimo ya re fang kgotso a ke a be le lona bohle. A ho be jwalo!

Baroma 15