20. Leha ho le jwalo, ke ile ka pheella ho bolela molaetsa o molemo moo lebitso la Kreste le esong ho bolelwe teng, hore ke se ke ka haha hodima motheo wa e mong,
21. empa e le jwalokaha ho ngotswe, ho thwe:“Ba tla be ba bonaseo ba esong ho se bolellwe;seo ba esong ho se utlweba tla se utlwisisa.”
22. Ke lona lebaka le nthibetseng hangata ho le etela.
23. Empa jwale ke phethile mosebetsi wa ka dibakeng tsena, mme erekaha e se e le dilemo tse ngata ke ntse ke lakatsa ho le etela,
24. ke tshepile ho le bona ha ke etela Sepania, le tle le nthuse ho ya teng, ha ke se ke ithabisitse ka ho ba le lona nako e itseng.
25. Hona jwale ke sa ya Jerusalema ho ya sebeletsa badumedi ba teng,
26. hobane ba Masedonia le ba Akaya ba ikemiseditse ho kenya letsoho thusong e etsetswang badumedi ba futsanehileng ba Jerusalema.
27. Ba ikemiseditse ho etsa jwalo, etswe ba ne ba tlamehile ho etsa jwalo, hobane ha Bajuda ba ile ba arolelana tsa moya le baditjhaba, eka kgona le baditjhaba ba sebeletse Bajuda ka tsa lefatshe lena.
28. Ha ke se ke phethile hona, mme ke ba neile koleke eo, ke tla tla feta le ho lona, ha ke eya Sepania.
29. Ke a tseba hore, mohla ke le etelang, ke tla tla ka mahlohonolo wohle a Kreste.
30. Bana beso, ka Morena wa rona Jesu Kreste le ka lerato la Moya, ke a le rapela hore le nthuse ka ho nthapella ho Modimo,
31. hore ke tle ke sireletswe ho ba sa dumeleng, ba Judea, mme dithuso tseo ke di isang Jerusalema di tle di amohelehe ho badumedi.